LEFAPHA LA DITABA TSA METSI LE MERU
Tataiso ya Molao wa Naha wa Metsi, 1998
Tokomane e Kgutsufaditsweng
Pherekgong 2004-07-19
KETAPELE
DIKAHARE
Ke mang ya lokelang ho bala Tataiso ena???????????????..4
Keng se kahara Tataiso ena?????????????????????.4
SELELEKELA: KAKARETSO YA MOLAO WA NAHA WA METSI??????...5
Hobaneng Molao wa Naha wa Metsi o le bohlokwa??????????? 5
Mehlodi ya metsi keng????????????????????????.6
Phapang keng pakeng tsa Molao wa Naha wa Metsi le Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi???????????????????????..7
Hobaneng o na le lebitso la Molao wa Naha wa Metsi, 1998????????8
Melemo ya Molao wa Naha wa Metsi o motjha?????????????.8
SEPHEO LE MAANO A MOLAO????????????????????? 9
Keng sepheo sa Molao wa Naha wa Metsi?????????????? 9
Maano a Molao wa Naha wa Metsi??????????????????.9
Ke mang ya jarang boikarabelo ba mehlodi ya naha ya metsi??????.10
MEKGWA YA TSAMAISO YA METSI???????????????????10
Mokgwa wa Naha wa Tsamaiso ya Mehlodi ya Metsi????????.??????????????????????..11
Keng sepheo sa Tsamaiso ya Metsi a Naha??????????????11
Mekgwa ya Tsamaiso ya Polokelo ya Metsi??????????????.11
Ke mang ya hlahisang mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ya metsi???????????????????????????????.12
TSHIRELETSO YA MEHLODI YA METSI?????????????????..13
Rizeve ya tlhoko tsa motheo tsa botho??????????..?????...14
Ke mang ya thehang Rizeve????????????????????..15
TSHEBEDISO YA METSI????????????????????????...15
Tshebediso ya metsi e bolela eng??????????????????...15
Keng tse tlang pele tshebedisong ya metsi???????????????16
Basebedisi ba metsi ke bomang???????????????????..18
Tshebediso ya metsi e laolwa jwang?????????????????...18
Ngodiso ya tshebediso ya metsi???????????????????.19
Tshebediso ya metsi e sa hlokeng laesense??????????????19
Tshebediso ya metsi e hlokang laesense???????????????.20
TEFELLO YA TSHEBEDISO YA METSI??????????????????.21
DIAKGENTE TSA TSAMAISO YA POLOKELO (DTP)????????????22
MEKGATLO YA BASEBEDISI BA METSI (MBM)??????????????.23
Lekgotla la Metsi????????????????????????????.26
Tataiso ena e mabapi le Molao wa Naha wa Metsi (Molao wa 36 wa 1998). Jwalo ka molao leha e le ofe, Molao wa Naha wa Metsi o ngotswe ka puo ya semolao e boima mme esa utlwisisehe ha bobebe. Tataiso ena e hlalosa seo Molao o leng ka sona le hore o bolela eng.
Leano la bohlokwa la Molao wa Naha ke hore baahi ba Afrika Borwa ba lokela ho ba le seabo tsamaisong ya metsi. Sepheo sa Tataiso ena ke ho thusa basebedisi ba mehlodi ya metsi (dinoka, melatswana, matamo, metsi a ka tlasa lefatshe, jwalo jwalo) ho utlwisisa Molao hore ba tle ba be le karolo e utlwahalang diqetong tse mabapi le dintlha tsa metsi tse ba amang.
Ke mang ya lokelang ho bala Tataiso ena?
Tataiso ena e fana ka tsebiso e tlang ho ba ya bohlokwa ho:
basebedisi ba metsi;
mang kapa mang ya batlang ho tseba ka tsamaiso ya metsi;
mang kapa mang ya batlang ho ba le seabo tsamaisong ya metsi.
Bakeng la ho ka fumana tsebo e kenelletseng sehloohong se itseng o lokela ho ikopanya le Kantoro ya Lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru. Dintlha di leqepheng le ka morao. Kgatiso ya Molao wa Naha wa Metsi e ka fumaneha websaeteng ya www.dwaf.gov.za
Keng se ka hare ho Tataiso ena?
Tataiso ena ha e kenye ntlha e nngwe le e nngwe e ka hare ho Molao wa Naha wa Metsi. E fana ka kakaretso ya tataiso ya Molao ha mmoho le tsebiso e qollehang e mabapi le dikarolo tsa bohlokwa tsa Molao, tse reretsweng ho thusa basebedisi ba metsi ho ba le seabo dintlheng tse mabapi le mehlodi ya metsi. E hlalosa hore Molao o netefatsa jwang hore:
bohle ba fihlella metsi a lekaneng;
mohlodi wa metsi o sireleditswe, sebediswa, ntshetswapele, bolokwa, tsamaiso le ho laolwa;
tsamaiswa, sireletswa, ntshetswapele le ho laolwa;
thero e loketseng e a etswaho kenya merero ya Molao wa Naha wa Metsi;
ditjeho tsa tsamaiso le ntshetsopele ya mehlodi ya metsi e a etswa;
thehwa dibaka tsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi.
SELELEKELA: KAKARETSO YA MOLAO WA NAHA WA METSI
Hobaneng ha Molao wa naha wa Metsi o le bohlokwa?
Molao wa Naha wa Metsi o bohlokwa hobane o tla kenya Molao wa Motheo o leng mabapi le metsi
Molao wa Motheo ke wa bohlokwa bakeng sa molao wa metsi. O re:
bohle ba na le tokelo ya dijo le metsi a lekaneng;
bohle ba na le tokelo ya tikoloho e seng kotsi bophelong kapa tshireletsong ya bona;
tikoloho e lokela ho sireletswa molemong wa batho bohle ba phelang hona jwale le kamoso;
mmuso wa naha ke mmoloki wa mehlodi ya metsi, e kang dinoka, metsi a tlasa lefatshe le matamo; le mmuso wa lehae o ikarabella ditshebeletsong tsa masepala tsa metsi.
Metsi ke motheo wa bophelo bohle. Ntle le metsi ha ho na motho, semela, phoofolo kapa sephedi se ka dulang se phela. A nosetsa dijarete tsa borapolasi, a nosetsa dijalo le thepa ya mahaeng; a fana ka boikgathollo, a tshehetsa tikoloho, a tshehetsa diroropo, merafo, indasteri, le ho fepela ka matla a motlakase. Batho ba hloka metsi ho nwa, ho lema le ho pheha dijo, ho hlapa, le bophelo bo botle.
Afrika Borwa ke naha e ommeng, e nang le pula e nyane. Bongata ba mehlodi ya rona ya metsi bo sebedisitswe ho feta tekano. Tsatsi le leng le le leng batho le dikgwebo di na le kgahlamelo ho boleng ba dinoka le melatswana ya rona, metsi a ka tlasa lefatshe, lefatsheng le metsi. Bongata ba dibaka tsa rona naheng ya rona di shebane le tlhokeho ya metsi, moo re hlokang metsi ho feta ao re nang le ona. Dibakeng tsena tikoloho e tlasa kgatello mme batho ba bang ha ba kgone ho fihlella metsi a kguwang (nwehang) kapa ha ba fumane karolo e lekaneng ya metsi.
Molao wa Naha wa Metsi o bohlokwa hobane o fana ka mokgwa wa ho sireletsa mehlodi ya metsi hore e se sebediswe ho feta tekano le hore ho be le metsi a tshebediso ke setjhaba le ntshetsopele ya moruo le metsi a nako e tlang. Ke wa bohlokwa hobane o bolela hore metsi ke a naha yohle molemong wa batho bohle.
Mehlodi ya metsi keng?
Mehlodi ya metsi ke dibaka tsa metsi tse kang dinoka, melatswana, dibaka tse metsi, diphororo le mesi a ka tlasa lefatshe. Metsi a ka hodima leftshe ke a ka hodima mobu. Metsi a mobung ke metsi a ka hodima mobu. (mohlala equifer)
Molatswana, Sebaka se metsi, Noka, Metsi a Mobung (equifer), Phororo.
Phapang keng pakeng tsa Molao wa Naha wa Metsi le Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi
Mehlodi ya Metsi Boikarabelo ba naha MOLAO WA NAHA WA METSI
Ditshebeletso tsa metsi boikarabelo ba lehae MOLAO WA DITSHEBELETSO TSA METSI Setshwantsho sa motho a nwa metsi jj.
Molao wa Naha wa Metsi (wa 36 wa 1998)
Molao wa Naha wa Metsi o sebetsana le mehlodi ya metsi. Yona ke dinoka, melatswana, matamo, le metsi a lefatshe.
O kenya melao e mabapi le mokgwa oo mehlodi ya metsi (a kahodima le ka tlasa mobu) o sireletswang, sebediswang, ntshetswang pele, bolokwang, tsamaiswang le ho laolwa ka mokgwa o kopantsweng.
MOLAO WA DITSHEBELETSO TSA METSI (WA 108 WA 1997)
Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi o sebetsana haholoholo le ditshebeletso tsa metsi kapa metsi a kguwang (nowang) le ditshebeletso tsa dikgwerekgwere tseo bomasepala ba fanang ka tsona matlong le basebedising ba bang ba metsi a masepala.
O na le melawana e mabapi le hore bomasepala ba ka fana ka metsi le ditshebeletso tsa dikgwerekgwere jwang.
Hobaneng o na le Lebitso la Molao wa Naha wa Metsi, 1998?
Naha? e bolela hore Molao ke wa naha yohle. ?Molao? o fetiswa ke Palamente. Molao wa Naha wa Metsi ke molao o mabapi le metsi, o sebetsang Afrika Borwa ka bophara. O ile wa fetiswa ke Palamente ka 1998.
Melemo ya Molao wa Naha wa Metsi o motjha
Metsi ke a batho bohle
Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore metsi ke mohlodi wa tlhaho oo e leng wa batho bohle ba Afrika Borwa. O bolela hore metsi a lokela ho arolelwana ka mokgwa o lokileng mme o lekanang. O bolela hore metsi bakeng la ditlhoko tsa motheo (tse kang ho a nwa, ho pheha ka ona le bophelo bo botle) le metsi a tikoloho a lokela ho behwa ka thoko pele a ka sebedisetswa ho hong.
Seabo
Hobane metsi e le a bohlokwa bathong, Molao wa Naha wa Metsi o re batho ba lokela ho ba le seabo tsamaiso ya mehlodi ya metsi. O phahamisa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ho ba haofi le batho ka moo ho ka kgonehang. O etsa sena ka ho thaw ha ditsha tse ntjha tsa mabatowa le mahaem tse kang Diakgente tsa Tsamaiso ya Polokelo. Ditsha tsena tse ntjha di tla ba le baemedi ho tswa setjhabeng mme di tla se thusa ho ba le seabo diqetong tse nkuwang ka metsi.
Tshebediso ya dinako tsohle molemong wa bohle
Molao wa Naha wa Metsi o fedisa menahano ya kgethollo le phihlello ya ba nang le molemo o jwalo. O phahamisa tshebediso ya metsi molemong wa bohle ka hara Afrika Borwa. O phahamisa metsi bakeng sa ntshetsopele ya dinako tsohle.
SEPHEO LE MAANO A MOLAO
Keng sepheo sa Molao wa Naha wa Metsi?
Sepheo sa Molao wa Naha wa Metsi ke ho netefatsa hore mehlodi ya naha ya metsi e:
sireleditswe a sebediswa ntshetswapele bolokilwe le ho laolwa ka mokgwa wa ka nako tsohle le o lekanang ka mokgwa o tlang ho ba molemong wa bohle.
Maano a Molao wa Naha wa Metsi
Ka nako tsohle e bolela ho phahamiswa ha ntshetsopele ya setjhaba le moruo ka nako e le nngwe ho ntse ho netefatswa hore tikoloho e sireleditswe jwale le nakong e tlang. Tikoloho e hloka ho sireletswa hobane ke moo metsi a tswang teng. Ha e le hore ho na le tekano e ntle pakeng tsa ho sebedisa le ho sireletsa mehlodi ya metsi ke hore ditlhoko tsa metsi jwale le a ka nako e tlang di ka kgotsofatswa.
Tekano e bolela hore bohle ba lokela ho fihlella metsi le melemo ya ho sebedisa metsi. Diqeto tsa ho fana ka metsi di lokela ho lekana (lokela) batho bohle.
Ho lekana ho bolela hore metsi ha ya lokela ho senngwa. Metsi a lokela ho sebediswa ka mokgwa o loketseng ka moo ho ka kgonehang ka teng molemong wa setjhaba le moruo.
Ke mang ya jarang boikarabelo ba mehlodi ya naha ya metsi?
Mmuso wa naha (Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru) le sebetsa ka Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru ke lona le nang le metsi a setjhaba a leng mehloding ya metsi a naha.
ho ba le hwa setjhaba? ho bolela eng?
Ho ba le hwa setjhaba ho bolela hore Letona le na le matla hodima metsi naheng ka bophara. Metsi ke mohlodi wa tlholeho oo e leng wa batho bohle. Jwalo ka monga seo e leng sa setjhaba e leng mehlodi ya metsi a naha, Letona le na le boikarabelo ba se molemong wa setjhaba mme le lokela ho netefatsa hore metso ohle hohle naheng a tsamaiswa molemong wa batho bohle, ho kenyelletsa le meloko ya nakong e tlang.
MEKGWA YA TSAMAISO YA METSI
Mokgwa wa Naha wa Naha wa Tsamaiso ya Metsi
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru le na le boikarabelo ba ho netefatsa hore ho thehwa Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha. Kakaretso ya mokgwa e lokela ho phatlalatswa Koranteng ya Mmuso. Mokgwa wa Naha wa Tsamaiso ya Metsi a Naha o tlama ditsha tsohle tsa metsi le basebedisi ba metsi. Letona le lokela ho ntlafatsa Mokgwa wa Tsamaiso ya Mehlodi ya Metsi bonnyane dilemo tse ding le tse ding tse 5.
Keng sepheo sa Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha?
Sepheo sa Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha ke ho netefasa hore mehlodi ya metsi a naha e tsamaiswa ka tsela e loketseng bakeng la nha ka bophara. O boela o fana ka tataiso ya hore na metsi a ka tsamaiswa jwang dibakeng tsa tsamaiso ya metsi tse hlwailweng.
O bolela hore ke metsi a makae a lokelang ho ?bolokelwa? tshebediso ya metsi ya mantlha ke batho. Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha o lokela o boela o netefatsa hore ho na le metsi bakeng sa nako e tlang le tshebediso e ikgethang jwalo ka ho fehlwa ha motlakase wa naha. O beha dipehelo tsa boleng ba metsi. O boela o bolela hore dibaka tsa tsamaiso ya metsi (tse kang Diakgente tsa Tsamaiso ya Polokelo) di ka thehwa jwang.
Mekgwa ya Tsamaiso ya Polokelo
Mmuso wa naha o arotse naha yohle ka dibaka tsa tsamaiso ya metsi tse 19. Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore mokgwa wa tsamaiso o a ralwa bakeng sa sebaka ka seng sa tsamaiso. Mokgwa ona o bitswa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo (MTP).
Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha bakeng sa naha ka bophara
Polokelo keng?? Polokelo e bolela sebaka seo pula e tla fepela metsi ho sona, ka metsi a phallang hodima mobu (mohlala noka) ho ya fihla sebakeng seo a tlang ho kopanela ho sona.
Ke mang ya hlahisang mokgwa wa tsamaiso ya polokelo?
Molao wa Naha wa Mesi o bolela hore akgente ya tsamaiso ya polokelo (ATP) e lokela ho thehwa sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi. ATP e ikarabella ntshetsopeleng ya mokgwa wa tsamaiso ya polokelo sebakeng sa yona sa metsi.
Ho tla nka nako pele kaofela di diATP hore di thehwe. Ha e le hore ha ho na ATP e thehilweng sebakeng sa tsamaiso ya metsi, Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le sebetsa jwalo ka ATP.
Keng sepheo sa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo?
Sepheo sa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ke ho bolela hore metsi a tla fanwa (arolwa) jwang basebedisi ba ona. ATP e tobane le basebedisi ba bangata ba metsi, mohlala basebedisi ba masepala, indasteri, temo, merafo, jwalo jwalo. Mokgwa oo ATP e fanang ka metsi ka yona ho phahamisa ntshetsopele ya batho bohle ba se nang menyetla. Mokgwa wa tsamaiso ya polokelo o lokela ho hlalosa hore mehlodi ya metsi e tla tsamaiswa jwang sebakeng sa tsamaiso ya metsi le hore setjhaba se ka ba le seabo jwang tsamaisong ya mehlodi ya metsi. O tla lokela ho tsamaelana le Mokgwa wa Naha wa Tsamaiso ya Mehlodi ya Metsi.
TSHIRELETSO YA MEHLODI YA METSI
Mmuso o lokela ho netefatsa hore metsi a sireleditswe, empa o lokela ho netefatsa hore ho na le metsi bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba le moruo.
Se seng seo mmuo o se etsang ke ho hlahisa Rizeve.
Rizeve ke metsi a ?behuweng ka thoko? ho:
lokisetsa ditlhoko tsa sehlooho tsa botho, le ho netefatsa hore ho na le metsi a lekaneng dinokeng le melatswaneng
Rizeve ke sepheo se ka sehloohong tshebedisong tsohle tsa metsi. Ka mantswe a mang bongata ba metsi a Rizeveng a lokela ho behwa ka thoko pele mehlodi ya metsi e ka fuwa basebedisi ba bang ba metsi.
Rizeve e na le dikarolo tse pedi:
Rizeve ya ditlhoko tsa sehlooho tsa botho Rizeve ya ekholoji
Rizeve ya ditlhoko tsa sehlooho tsa botho
E tla ba bothata bobobe haholo (le kgahlano le Molao wa Motheo) ha temo, indasteri, merafo, jj. di sebedisitse metsi a mangata hoo ho eng ho se na metsi a lekaneng a ditlhoko tsa sehlooho tse kang ho nwa, ho pheha, le bophelo bo botle le bo hlwekileng.
Molao wa Naha wa Metsi o netefatsa hore bohle ba fihlella metsi a lekaneng ka ho beha ka thoko metsi a itseng ho ka sebedisetswa ditlhoko tsa sehlooho tsa bohle. Bongata bona ba metsi bo behwa ka thoko bakeng la ditlhoko tsa sehlooho tsa botho mme a bitswa Rizeve ya ditlhoko tsa sehlooho tsa botho
Mehlodi ya metsi a setjhaba
Rizeve ya ditlhoko tsa sehlooho tsa botho
Tse kang
Metsi a nowang
Metsi a ho pheha
Metsi a tshebediso ke motho
Hore ho netefatswe hore ho na le metsi a lekaneng a boleng bo amohelehang bakeng la tshebediso nakong e tlang, Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore metsi a lokela ho behwa ka thoko bakeng la Rizeve ya ekholoji. Rizeve ya ekholoji ke metsi a hlokehang ho sireletsa tse phelang metsing mehloding ya metsi. A lokela ho bolokwa hantle mme a se sebedisetswe hohong.
Ke mang ya thehang Rizeve?
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru le lokela ho theha Rizeve. Letona le lokela ho beha bongata ba metsi le boleng ba ona bo tlang ho dula mohloding wa metsi bakeng la ditlhoo tsa sehlooho tsa botho le diphedi tsa metsing.
TSHEBEDISO YA METSI
Tshebediso ya metsi e bolelang?
Tshebediso ya metsi e bolela le ha e le efe ya tse latelang:
ho nka metsi mohloking wa metsi (ho a hula)
ho boloka metsi diketso tse fokotsang phallo ya molatswana (mohlala meru bakeng la kgwebo)
ho ntsha dikgwerekgwere kapa ho di boloka mohloding wa metsi diketso tse nang le kgahlamelo e mpe mohloding wa metsi, mohlala ho sitisa mobu ka metsi a nang le dikgwerekgwere, kapa diketso tsa ho fehla motlakase tse hlakolang phallo ya mohlodi wa metsi ho tloswa ha metsi a ka tlasa lefatshe tshebediso ya metsi bakeng la boikgathollo (ho tsamaya ka seketswana)
Tshebediso ya metsi e bolela ho etsa ho hong ho nang le kgahlamelo ho:
a bongata ba metsi mohloding wa metsi b boleng ba metsi mohloding wa metsi c tikoloho e potapotileng mohlodi wa metsi.
Masepala ya ahang letamo nokeng, kapa ya pompang metsi ho tswa nokeng, kapa mokoting o tjhekuweng, kapa ya kgutlisetsang metsi a dikgwerekgwere nokeng o etsa tshebediso ya mets. Le rapolasi kapa Eskom kapa boto kapa motho le ha e le ofe ya nka metsi ka kotlolloho ho tswa mohloding.
Le ha e le hore metsi ha a tloswe, empa ho na le kaho nokeng ho rua ditlhapi, kapa borokgo bo botjha bo ahuweng bo sitisa ho phalla ha metsi, ho ntse ho na le kgahlamelo mohloding wa metsi. Diketso tse jwalo di nkuwa e le tshebediso ya metsi. Ho sebedisa metsi bakeng la boikgathollo, jwalo ka diketswana, e ntse e le tshebediso ya metsi.
Keng tse tlang pele tshebedisong ya metsi?
Rizeve ke yona e tlang pele. Empa ho na le tse ding tse tlang pele tse lokelang ho phethwa pele metsi a ka ajwa dibakeng tsa tsamaiso ya metsi. Hore di tle di phethwe karolo ya metsi sebakeng ka seng sa tsamaiso ya metsi e behwa tlasa taolo ya Letona. Tsona di kenyelletsa tse latelang:
metsi ao re dumellaneng ho a arolelana le dinaha tse ahisane le rona ka ditumellano tsa matjhaba metsi a sebedisetswang ho fehla motlakase metsi a lokelang ho tsamaiswa ho tloha sebakeng se itseng sa tsamaiso ya ona ho ya ho se seng sa tsamaiso. Dibaka tse ding tsa tsamaiso ya metsi ha di na metsi a lekaneng ha tse ding di na le a mangata tlolo (eketsehileng). Letona le ka dumella ho tsamaiswa ha metsi ho ya dibakeng tse tlang ho arolelana ka tsamaiso ya metsi.
Ho hong ho tlang pele ke rizeve ya metsi ho tiisa hore ho ba le metsi bakeng la lekgatheng le tlang.
Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Setjhaba o lokela ho sebeletsa kaofela ha tse tlang pele. Moralo o ka tlase o bontsha hore phano ya metsi e tla pele jwang Mokgweng wa Naha wa Mehlodi ya Metsi.
Mehlodi ya metsi a naha - Tshebediso tse ding kaofela
Rizeve ya ditlhoko tsa sehlooho tsa botho
Tlameho ya matjhabeng
Tshebediso ho latela leano
Rizeve ke yona feela tokelo ya metsi Molaong wa Naha wa Metsi. Ke yona e tlang pele.
Tshebediso tse ding tse teng ka lebaka la tumello ho latela phano e lekanang, tshebediso e molemong wa setjhaba le bohlokwa ba tikoloho.
Boemong ba matjhaba, phapanyetsano ka metsi ya dipolokelo, ditlhoko tsa tshebeso, tshebediso ya nakong e tlang
Ditlhoko tsa ekholoji
Ditlhoko tsa sehlooho tsa botho
Boikarabelo ba naha
Boikarabelo ba Akgente ya Tsamaiso ya Polokelo
Phano e entsweng ke Mokgwa wa Tsamaiso ya Metsi a Naha (MTMN) e lokela ho fanwa bakeng la Mokgwa wa Tsamaiso ya Polokelo ATP.
Basebedisi ba metsi ke bomang?
Mahae Ditshebeletso tsa Metsi Ditoropo Boikgathollo
Temo Meru Indasteri Tikoloho
Poloko ka bongata Ho fehlwa ha motlakase
Tshebediso ya metsi e laolwa jwang?
Tshebediso ya metsi e laolwaka ho fana ka melawana e mabapi le tshebediso ya metsi. Molao wa Naha wa Metsi o laola tshebediso ya metsi ka ngodiso le ka mefuta e fapaneng ya ditumello.
Ngodiso ya tshebediso ya metsi
Hore ho tle ho laolwe tshebediso ya metsi, Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le hloka ho tseba hore ke tshebediso efe e esahalang le ore ke metsi a makae a sebediswang ho tswa mehloding e fapaneng a metsi. Ho fumana tsebo ena, basebedisi ba metsi ba seng ba le tengba lokela ho ngodisa tshebediso ya bona ya metsi ha e le hore ba kga le ho boloka metsi, kapa etsa hore phallo ya molatswana e fokotsehe (difate tsa kgwebo). Ha jwale, tshebediso ya metsi e ngodisetswa Kantorong ya Lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru. Basebedisi ba metsi ba sa ngodisang tshebediso ya bona ya metsi ba kotsing ya ho lahlehelwa ke tokelo tsa bona tseo ba nang le tsona tsa metsi.
Tshebediso ya metsi e sa hlokeng laesense
Ha o hloke laesense ho etsa tsena:
ho nka metsi mohloding le ha e le ofe wa metsi ho a sebedisa ha hao ha o na le phihlello ya wona ka molao ho boloka le ho sebedisa metsi a phalla ho tswa ka hodima ntlo ho lema tshimo e nyane eo e seng ya kgwebo ho tshela diphoofolo ka metsi bakeng sa ho ka disebedisa ho sebedisa metsi a ka hodima mobu kapa a potapotileng naha bakeng sa ho a sebedisetsa boikgathollo (mohlala ho sebedisa seketswana)
ho sebedisa metsi bakeng sa qomatsi mohlala ho nowa kapa ho tima mollo
Ditshebediso tsena di bitswa tsa tshedisetso shejule ya 1. Ha jwale, tshebdiso bakeng la Shejule ya 1 ha di hloke ho ngodiswa.
Ha o hloke laesense ha tshebediso ya metsi e le tlasa tumello e akaretsang. Tumello e akaretsang ke tumello eo Letona le fanang ka yona bakeng sa tumello tse batlang di le kgolwanyana tse phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso. Elala ya ditumello tse akaretseng e kenyelletsa ho boloka metsi a lekanyeditsweng letamong, kapa ho ntsha metsi a lekanyeditsweng dinokeng tse itseng, kapa mehlodi ya metsi e lefatsheng (mekoting e tjhekuweng).
Tshebediso ya metsi e hlokang laesense
Mosebedisi o lokela ho etsa kopo ya laesentshe bakeng sa tshebediso le ha e le efe e ntjha e sa behwang tlasa Shejule ya 1 kapa e sa sireletswang ke tumello e akaretsang. Dilaesense tsa mesi di sebedisetswa ho laola tshebediso ya metsi e kgolo ho feta dipehelo tse hlahellang Shejuleng ya 1 mme di dumelletswe tlasa tumello e akaretsang.
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru kapa akgente ya tsamaiso ya polokelo di ka ntsha laesense ya tshebediso ya metsi. Basebedisi ba metsi ba lokela ho:
etsa kopo Kantorong ya Lebatowa e loketseng ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru bakeng sa laesense; kapa ngodisa tshebediso ya bona ya metsi Kantorong ya Lebatowa.
Dilaesense kaofela di tla ntshuwa le dipehelo tsa laesense. Dipehelo tsena di tla buisanwa le mosebedisi wa metsi moo ho kgonehang. E nngwe ya dipehelo tsa bohlokwa tsa laesense ke nako eo laesense e tlang ho sebetsa ka yona. Basebedisi bohle ba metsi ba lokela ho ikamahanya le dipehelo tse behetsweng laesense ya tshebediso ya bona ya metsi ho seng jwalo ba ka lahlehelwa ke laesense ya bona.
TEFELLO YA TSHEBEDISO YA METSI
Ho na le tjeho ya ho etsa le ho tsamaisa mohlodi wa metsi hore o tle o sireletswe le ho bolokelwa tshebediso e nang le molemo. Ditjeho tsena ka kakaretso di tla kgutliswa ke basebedisi ba metsi ka ditefello tsa tshebediso ya metsi.\
Molao wa Naha wa Metsi o dumella Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru, ka tumello ya Letona la Ditjhelete, ho etsa mokgwa tshebetso (morero) wa ho bala ditefello tsa tshebediso ya metsi.
Letona le se le phatlaladitse mokgwa wa hae wa ho beha ditefello Koranteng ya Mmuso. Molao wa Naha wa Metsi o a modumella ho e fetola nako e nngwe le e nngwe.
Mokgwa o teng wa ho beha tefello o dumella mefuta e meraro ya ditefello.
Ntlha ya pele, tefello ya ho tshehetsa tsamaiso ya mehlodi ya metsi ka ditjhelete ke tefello ya ditjeho tsa tsamaiso ya mohlodi wa metsi. Yona e tla kenyelletsa tjeho ya ho ngodisa basebedisi, phumantsho ya laesense, ho thea rezeve, ho lekanyetsa phallo ya dinoko, ho beha tekong boleng ba metsi, taolo ya tshilafatso ya le tsamaiso ya poloko ya metsi jj.
Basebedisi ba metsi bohle ba ngodisitsweng le ho ba le dilaesense ba tla lefiswa tefello ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi. Tefello e ka nna ya se tshwane ho ya ka mofuta wa basebedisi le dibakeng tsa tsamaiso tse sa tshwaneng. Ha jwale, ditefello di nyane bakeng la metsi a ho nwesetsa ho feta metsi a lapeng/indastering.
Ntlha ya bobedi, tefello ya ntshetsopele ya mohlodi wa metsi ke ya ditjeho tsa ho aha le ho sebedisa sekema sa phepelo ya metsi, se kang matamo, dikanale, dikotopo jj tse sebediseetswag ho boloka metsi kapa ho fepela metsi.
Tefello ya ntshetsopele ya mohlodi wa metsi e kenyelletsa ditjeho tsa ho aha sekema sa metsi le ditjeho tsa ho sebedisa sekema.
Ntlha ya boraro, tefello ya ho tsamaiswa ha dikgwerekgwere ke ya ho qhalwa ha metsi a dikgwerekgwere kapa ho a lebisa nokeng le tefello ya ?mosilafatsi?.
DIAKGENTE TSA TSAMAISO YA POLOKELO (ATP)
Molao wa Naha wa Metsi o lokiseditswe ho thehwa ha diakgente tsa tsamaiso ya polokelo bakeng sa dibaka tsa tsamaiso ya metsi.
Sepheo sa ho theha ATP ke ho kenya setjhaba tsamaisong ya mehloding ya metsi. ATP e tsamaisa mehlodi ya metsi sebakeng sa yona seo e se reretsweng ho ya ka mokgwa wa yona wa tsamaiso ho ya ka mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ya yona.
Mokgwa wa tsamaiso ya polokelo
Sebaka sa tsamaiso ya metsi
Diakgente tsa tsamaiso ya polokelo di lokela o etsa bonnete hore ba nang le kgahleho ya ho ba le seabo ho kenyelletsa le baahi ba itlhophereng ba neng ba se na menyetla ba kgona ho ba le seabo dipuisanong le diqetong tse mabapi le ATP.
Ha ATP e thehwa e na le mesebetsi e latelang, e bitswang ?mesebetsi ya sethatho?:
ho batlisisa le ho eletsa ka tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, poloko, tsamaiso le taolo ya mehlodi ya metsi e sebakeng sa yona sa tsamaiso ya metsi ho hlahisa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo ya sebaka sa yona sa tsamaiso ya metsi ho tsamaisa diketso tsa basebedisi ba metsi le ditsha tsa tsamaiso ya metsi sebakeng sa tsona tsa tsamaiso ya metsi ho phahamisa tsamaiso pakeng tsa mokgwa wa tsamaiso ya polokelo le merero ya ntshetsopele ya ditshebeletso ya bomasepala ho phahamisa seabo sa setjhaba tsamaisong ya mohlodi wa metsi
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru se ka boela sa beha (fana) ka mesebetsi e eketsehileng ho ATP e kang tsamaiso e akaretsang ya mehlodi ya metsi sebakeng sa tsamaiso ya metsi.
MEKGATLO YA BASEBEDISI BA METSI (MBM)
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi ke sehlopha sa basebedisi ba metsi ba lakatsang ho sebetsa mmoho. Basebedisi ba metsi ba ?sebedisana? ho phetheng mesebetsi e mabapi le metsi boemong ba lehae molemong wa bona. Mohlala mokgatlo wa basebedisi ba metsi o ka thehwa ha sehlopha sa borapolasi ba batla ho aha kanale kapa letamo la bohle molemong wa bona kaofela, kapa sehlopha sa borapolasi ba batjha ba batla ho sebetsa mmoho.
Diboto tse teng tsa ho nosetsa, diboto tsa metsi a ho fuwa diruuwa le diboto tsa taolo ya metsi tse lebelletseng tshebediso ya metsi a mobung (diboto tsa taolo ya metsi a ka tlasa mobu) di tla fetolwa ho ba mekgatlo ya basebedisi ba metsi. Sena se ka kenyelletsa katoloso ya sebaka seo ditsha tsena di nang le matla a semolao ho tsona ho kenyelletsa basebedisi ba bang kapa mehlodi e meng ya metsi.
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi e ka ba karolo e le nngwe kapa mokgatlo wa dikarolo tse ngata. Mokgatlo wa karolo e le nngwe e na le sehlopha sa basebedisi ba tshwanang, mohlala borapolasi ba sa qalang, mme o sebetsa melemong ya borapolasi bao. Mokgatlo wa dikarolo tse ngata o thehuwe ka sehlopha sa basebedisi ba fapaneng, mohlala indasteri, temothuo, merafo le jwalo jwalo, mme o sebetsa molemong wa basebedisi bana ba sa tshwaneng.
Sepheo sa MBM ke ho kgontsha basebedisi ba metsi ho sebetsa mmoho le ho kopanya mehlodi ya bona (ditjhelete, mehlodi ya botho le tsebo) hore ba tle ba kgone haholwanyane ho phetha mesebetsi e amanang le metsi. MBM e na le karolo ya bohlokwa eo e nang le yona phedisong ya bofuma le ho fana ka tshireletso ya dijo.
DIPEHELO TSE DING
Dikomiti tsa Boeletsi
Molao o fana ka matla ho Letona ho theha dikomiti tsa boeletsi. Dikomiti tsena di ka thehelwa dipheyo tse fapaneng le mesebetsi e sa tshwaneng. Dikomiti tsena bongata ke tsa boeletsi, empa Letona le ka fana ka matla a itseng ho dikomiti tsa boeletsi.
Tsamaiso ya metsi a matjhaba
Molao wa Naha wa Metsi o lokisetsa ho thehwa ha mekgatlo e tlang ho kenya tshebetsong ditumellano le matjhaba. Ditumellano tsena di mabapi le tsamaiso le ntshetsopele ya mehlodi ya metsi a arolelanwang le dinaha tsa boahisane.
Mesebetsi ya mmuso mabapi le metsi
Molao wa Naha wa metsi o dumella Mmuso ho aha, ho ba le kapa ho reka matamo le dibakeng tse ding tsa metsi (dibopeho tsa motheo), ha di le molemong wa setjhaba. Mmuso o lokela ho fana ka metsi ho tswa matamong le dibakeng tsa ona tsa metsi ka mokgwa o tshwanang le ha di fana ka metsi ho tswa mohloding.
Polokeho ya Matamo
Molao wa Naha wa Metsi o na le letoto la mekgwa ya taolo ho ntlafatsa polokeho ya matlamo a matjha le a ntseng a le teng. Sena ke ha ho na le kotsi ya polokeho.
Matamo a maholo a ka ba kotsi e kgolo bathong le tikolohong. Matamo a sa ralwang hantle kapa a sa tlohetswe hore a theohe maemo ka baka la ho se bolokwe hantle ke kotsi e ikgethang.
Lekgotla la Metsi
Molao wa Naha wa Metsi o fana ka motheo wa Lekgotla la Metsi ho mamela boipiletso kgahlano le diqeto tse itseng kapa ditaelo tse fanweng ke ba ka sehloohong kapa ditsha tsa tsamaiso, tse kang Diakgente tsa Tsamaiso ya Polokelo. Lekgotla la Metsi ke mokgatlo o ikemetseng.
Mosebedisi wa metsi a ka ipiletsa Lekgotleng la Metsi kgahlano le mefuta e fapaneng ya qeto e entsweng ke ditsha tsa tsamaiso ya metsi, mohlala ditleleimi tsa ditjeho; dishejule tsa phano ka metsi; diqeto ka dilaesense; jwalo jwalo.
Lekgotla la Metsi le thehuwe ka Mphalane 1998. Le ka tshwara dikopano dibakeng tseo lebaka la ketsahalo le hlahileng ho sona. Mesebetsi ya Lekgotla e tshehetswa ka ditjhelete ke Botshwaramatlotlo ba Naha.
